Luka 12:41 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Petrose o re ho yena: Morena, setshwantsho seo hleka o se bolella rona feela kapa u se bolella le bohle na? BIBELE Jwale Petrose a re: “Morena, na setshwantshong see o bua ka rona, kapa o bua ka bohle?” Baasraak Sotho NT Petrose a re ho yena: Morena, papiso ee a o e bolella rona, kapa o e bolella bohle na? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Petrose a re ho yena: Morena, papiso ee a o e bolella rona, kapa o e bolella bohle na? |
A boya, a ba fumana ba robetse; a re ho Petrose: Simone, na o robetse? O sitilwe ho fadimeha hora e le nngwe na?
Mohlanka ya tsebileng thato ya morena wa hae, mme a sa ka a lokisa letho, le ho etsa thato ya morena wa hae, o tla otlwa haholo.
Empa ya sa kang a tseba, mme a entse ditaba tse tshwanelwang ke kotlo, o tla otlwa hanyenyane. E mong le e mong ya neilweng haholo, ho tla batlwa haholo ho yena; mme ya laeleditsweng haholo, ho tla botswa haholo ho yena.
Bofelo ba ntho tsohle bo haufi; le tsohe masene ke hona, mme le phele ka boitshwaro, le tle le tsebe ho rapela.
Le tsohe masene, le fadimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lona, o ntse a dikadika jwaloka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang.