O teng e mong ya iketsang morui, athe ha a na le letho; e mong o iketsa mofumanehi, athe o ruile haholo.
Luka 12:21 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ya ipokellelang matlotlo, a mpa a sa ruele ho Modimo, o jwalo. BIBELE “O jwalo ya ipokellelang matlotlo, empa e se morui mahlong a Modimo.” Baasraak Sotho NT Ho joalo le ka ea ipolokelang letlotlo, empa a sa ruela ho Molimo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho joalo le ka ea ipolokelang letlotlo, empa a sa ruela ho Molimo. |
O teng e mong ya iketsang morui, athe ha a na le letho; e mong o iketsa mofumanehi, athe o ruile haholo.
Iseraele ke morara o holang haholo, tholwana tsa wona di o lekane. Ditholwana tsa hae ha di ntse di eketseha, ke moo a ntseng a ketsa ho haha dialetare; kahobane naha ya hae e ntle, o eketsa ho etsa ditshwantsho tse ntle.
Ho madimabe ya ruelang ntlo ya hae leruo le lebe, ya beang moaho wa hae phahameng, hore a itshireletse bobeng!
Bapatsang ka tseo le nang le tsona, mme le fane; iketsetseng mekotla e sa tsofaleng, letlotlo le sa feleng mahodimong, moo leshodu le sa atameleng teng, le moo tshwele e sa senyeng.
Ha esita maruong a sa lokang le sa ka la ba kgabane, ke mang ya tla le tshepela maruo a nnete?
Empa ka bothata ba hao le ka pelo ya hao e se nang pako, o ipokellela bohale bo tlang ho hlahela mohla letsatsi la bohale le la ponahatso ya kahlolo e lokileng ya Modimo,
jwaloka hoja re hlomohile, athe re thabile kamehla; jwaloka hoja re a fumaneha, athe re ruisa ba bangata; jwaloka hoja ha re na letho, athe re ruile ntho tsohle.
Empa ba ratang ho rua, ba wela melekong, le lerabeng, le ditakatsong tse ngata, tse sa utlwahaleng, tse senyang, tse tebisetsang batho timelong le tahlehong.
Utlwang, banabeso ba ratwang! Na Modimo ha o a ka wa kgetha bafumanehi ba lefatshe lena, hore e be ba ruileng tumelong, le majalefa a mmuso oo o o baletseng ba o ratang?
Ke tseba mesebetsi ya hao, le matshwenyeho a hao, le bofutsana ba hao, leha o mpa o le morui; ke tseba le dinyefolo tsa ba ipitsang Bajuda, athe hase bona, empa e le sinagoge ya Satane.