ka letsoho la hao, Jehova, o mpoloke ho batho, ho batho ba lefatshe lena! Ba na le kabelo ya bona bophelong bona, o tlatsitse dimpa tsa bona ka maruo a hao; bara ba bona ba kgora, mme ba siela ditloholo tsa bona ho salang.
Luka 12:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) A re: Seo ke tla se etsa ke sena: Ke tla qhaqha mediko ya ka, ke hahe e meholo; mme ke tla bokella teng dijo tsa ka kaofela le mesebetsi ya ka; BIBELE “Yaba o re: ‘Ke tla etsa hona: Ke tla qhaqholla disiu tsa ka, ke etse tse di fetang ka boholo, ke bokelle teng koro yohle le dijo tsa ka, Baasraak Sotho NT A re: Ke tla etsa sena: Ke tla heletsa mediko ya ka, ke hahe e meholo; mme ke tla bokellela ditholwana tsa ka tsohle le thepa ya ka teng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re: Ke tla etsa sena: Ke tla heletsa mediko ya ka, ke hahe e meholo; mme ke tla bokellela ditholwana tsa ka tsohle le thepa ya ka teng. |
ka letsoho la hao, Jehova, o mpoloke ho batho, ho batho ba lefatshe lena! Ba na le kabelo ya bona bophelong bona, o tlatsitse dimpa tsa bona ka maruo a hao; bara ba bona ba kgora, mme ba siela ditloholo tsa bona ho salang.
Tadimang dinonyana tsa lehodimo; hobane ha di jale, ha di kotule, ha di bokelle medikong; empa Ntata lona ya mahodimong o a di fepa. Ha ke re, lona le di fetisa haholo na?
Yaba o nahana ka ho yena, a re: Ke tla etsa jwang; hobane ha ke na moo nka bokellang dijo tsa ka teng?
mme ke tla re ho moya wa ka: Moya, o na le mesebetsi e mengata e bokelletsweng dilemo tse ngata; phomola, o je, o nwe, o nyakalle.
Lemohang makgwaba; ha a leme, ha a kotule, ha a na ntlo moo a bolokelang teng, leha e le modiko; mme Modimo o a a fepa. Le fetisa dinonyana hakakang!
A hana halelele; empa kamorao, a imamela, a re: Leha ke sa tshabe Modimo, ke sa re letho ka batho,
Jwale, ke bua le lona ba reng: Kajeno, kapa hosasane, re tla ya motseng wa hore hoitseng, re tla dula teng selemo se le seng, re tla hweba teng, re tla rua;
Empa jwale le ka be le re: Ha Morena a rata, ha re sa le teng, re tla etsa hore le hore.