Eitse hobane morena wa Iseraele a bale lengolo leo, a hahola diaparo tsa hae, a re: Na ke nna Modimo, nka tsebang ho bolaya le ho pholosa, ha eo a rometse ho nna hore ke fodise motho lepera la hae na? Le tsebe kahoo, mme le bone hobane o batla lebaka la phapang le nna.
Yaba ba mo ela hloko, ba roma dihlwela, tsa iketsa batho ba lokileng, hore di tle di mo tshwase dipolelong tsa hae, hore ba mo neele matleng le matsohong a mmusisi.
Empa wena, o se ke wa ba dumela; hobane banna ba fetang mashome a mane ba mo laletse, ba ikanne ka ho hlapanya hore ba ke ke ba eja, leha e le ho nwa, ba eso ho mmolaye; le jwale, ba se ba itokisitse, ba lebeletse karabo ya hao feela.