Hobane melomo ya moprista e tshwanetse ho boloka tsebo, molao o tle o batlwe molomong wa hae, hobane ke lenqosa la Jehova wa makgotla.
Luka 11:52 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ho madimabe lona, baruti ba molao, hobane le nkile senotlolo sa tsebo; ka sebele sa lona, ha le a ka la kena; hape, le thibetse le ba kenang. BIBELE “Le madimabe, Ditsebi tsa Molao, hobane le nkile senotlolo sa tsebo, empa ka bolona ha le a ka la kena, le thibetse ba neng ba kena.” Baasraak Sotho NT Ho madimabe lona, baruti ba molao! hobane le tlositse senotlolo sa tsebo; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho madimabe lona, baruti ba molao! hobane le tlositse senotlolo sa tsebo; |
Hobane melomo ya moprista e tshwanetse ho boloka tsebo, molao o tle o batlwe molomong wa hae, hobane ke lenqosa la Jehova wa makgotla.
Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo; athe lona, ha le kene teng, mme ba ratang ho kena ha le ba dumelle ho kena.
Eitse hobane a bolele taba tseo, bangodi le bafarisi ba qala ho mmuisa haholo, ba tle ba mmoledise hodima tse ngata.
Ba mo dumela: eitse hobane ba bitse baapostola, ba ba shapa, ba ba laela hore ba se ke ba boela ba ruta ka lebitso la Jesu; ba ntoo ba lokolla.