Na monna ya matla a ka amohuwa thepa eo a ikgapetseng yona na? Mme makgotla a ba lokileng ba holehilweng na a ka phonyoha na?
Luka 11:21 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mohla senatla se tshwereng marumo, se lebelang ntlo ya sona, mesebetsi ya sona kaofela e ituletse hantle; BIBELE “Ha seqhobane se lebela lelapa la sona se hlometse kahohle, thepa ya sona e bolokehile, Baasraak Sotho NT Ha senatla se hlometseng se lebela ntlo ya sona, thepa ya sona e kgotsong; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ha senatla se hlometseng se lebela ntlo ya sona, thepa ya sona e kgotsong; |
Na monna ya matla a ka amohuwa thepa eo a ikgapetseng yona na? Mme makgotla a ba lokileng ba holehilweng na a ka phonyoha na?
Kapa motho a ka kena jwang tlung ya senatla, ho phahla mesebetsi ya sona, ha a sa ka a tlama senatla seo pele, ebe moo a phahlang ntlo ya sona?
Ha ho motho ya ka kenang tlung ya senatla ho phahla mesebetsi ya sona, a eso ho tlame senatla pele, ebe hona a phahlang ntlo ya sona.
Empa, ekare ha ke leleka batemona ka monwana wa Modimo, mmuso wa Modimo o le fihletse ruri.
empa, ha ho ka tla e mong ya se fetisang ka matla, a se hlola, o tla se amoha dihlomo tsohle tseo se di tshepileng, a hapisise tse hapilweng ke sona.