Luka 11:19 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha efela nna ke leleka batemona ka Beelsebule, bara ba lona ba ba leleka ka mang? E tla ba bona baahlodi ba lona ke hona. BIBELE Haeba nna ke leleka bademona ka Beele-Sebule, bara ba lona, ba ba leleka ka mang? Ka baka leo, e tla ba bona baahlodi ba lona. Baasraak Sotho NT Haeba nna ke leleka batemona ka Beelsebule, bara ba lona ba ba leleka ka mang? ka baka leo, e tla ba baahlodi ba lona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Haeba nna ke leleka batemona ka Beelsebule, bara ba lona ba ba leleka ka mang? ka baka leo, e tla ba baahlodi ba lona. |
Ho a lekana ha morutuwa a etswa jwaloka moruti wa hae, le mohlanka jwaloka morena wa hae. Ha ba bitsitse mong a ntlo Beelsebule, ba ntlo ya hae ba tla bitswa jwalo ho fetisa hakakang!
Botumo ba hae ba utlwahala Siria yohle; ha tliswa ho yena bohle ba seng monate ke malwetse a mefutafuta, le ba tshwerweng ke mafu, le ba nang le bademona, le ba jewang ke sethwathwa, le ba omeletseng ditho; mme a ba fodisa.
A re ho yena: Mohlanka e mobe, ke tla o ahlola ka polelo ya hao. O ne o tseba hobane ke motho ya thata, ke nkang seo ke sa kang ka se bea, ke kotulang seo ke sa kang ka se jala!
Yaba Johanne o bua, a re: Monghadi, re bone e mong ya lelekang batemona ka lebitso la hao, mme re mo hanetse, hobane ha a o latele hammoho le rona.
Yaba Bajuda ba bang, e leng dingaka tse reng di ntsha batemona, tse sollang hohle, ba leka ho bitsa lebitso la Morena Jesu hodima ba kenweng ke meya e mebe, ba re: Re a le laela ka Jesu ya bolelwang ke Pauluse.
Jwale, re tseba hobane tsohle tse bolelwang ke molao, di bolellwa ba molaong; hore melomo yohle e tle e thijwe, mme batho bohle ba be molato pela Modimo.