Ho a lekana ha morutuwa a etswa jwaloka moruti wa hae, le mohlanka jwaloka morena wa hae. Ha ba bitsitse mong a ntlo Beelsebule, ba ntlo ya hae ba tla bitswa jwalo ho fetisa hakakang!
Luka 11:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka baka leo, Satane le yena, ha a ka arohana ho itwantsha, mmuso wa hae o tla tiya jwang, haele moo lona le bolela hore ke leleka batemona ka Beelsebule? BIBELE Haeba le Satane a ne a arohane ho itwantsha, mmuso wa hae o ne o tla tiya jwang? Etswe le re, ke leleka bademona ka Beele-Sebule. Baasraak Sotho NT Haeba Satane le yena a arohane, mmuso wa hae o tla tiya jwang? hobane le re ke leleka batemona ka Beelsebule. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Haeba Satane le yena a arohane, mmuso wa hae o tla tiya jwang? hobane le re ke leleka batemona ka Beelsebule. |
Ho a lekana ha morutuwa a etswa jwaloka moruti wa hae, le mohlanka jwaloka morena wa hae. Ha ba bitsitse mong a ntlo Beelsebule, ba ntlo ya hae ba tla bitswa jwalo ho fetisa hakakang!
Satane ha a leleka Satane, eba o kgaohane ho itwantsha; ana mmuso wa hae o ka tiya jwang?
Jwale, Jesu a re ho yena: Tloha, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Kgumamela Morena, Modimo wa hao, mme o sebeletse yena feela.
Botumo ba hae ba utlwahala Siria yohle; ha tliswa ho yena bohle ba seng monate ke malwetse a mefutafuta, le ba tshwerweng ke mafu, le ba nang le bademona, le ba jewang ke sethwathwa, le ba omeletseng ditho; mme a ba fodisa.