Ka na ka re tsietsing ya ka: Ke tlositswe pela mahlo a hao. Empa o utlwile lentswe la thapedisiso ya ka, ha ke ne ke bitsa ho wena.
Luka 11:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) hobane e mong le e mong ya kopang o a fuwa, mme ya batlang o a fumana, mme ho tla bulelwa ya kokotang. BIBELE Mang kapa mang ya kopang o a fuwa, ya batlang o a fumana, ya kokotang o a bulelwa. Baasraak Sotho NT Hobane e mong le e mong ya kopang o a fuwa; mme ya batlang o a fumana; le ya kokotang o tla bulelwa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane e mong le e mong ya kopang o a fuwa; mme ya batlang o a fumana; le ya kokotang o tla bulelwa. |
Ka na ka re tsietsing ya ka: Ke tlositswe pela mahlo a hao. Empa o utlwile lentswe la thapedisiso ya ka, ha ke ne ke bitsa ho wena.
Hobane e mong le e mong ya kopang, o a newa; ya batlang o a fumana, mme ho bulelwa ya kokotang.
Ntata motho ke ofe hara lona, ekareng ha ngwana hae a kopa bohobe ho yena, a ka mo fang lejwe? Leha a kopa hlapi, a ka hla a mo fa noha bakeng sa hlapi na?
Le nna ke re ho lona: Kopang, mme le tla fuwa; batlang, mme le tla fumana; kokotang, mme le tla bulelwa;
Le hona Jesu a ba bolella setshwantsho sa ho re, e ka kgona ba rapele kamehla, mme ba se ke ba kgathala!
Bonang, re rorisa lehlohonolo la ba mameletseng; le utlwile mamello ya Jobo, mme le bone tsa qetello ya Morena; hobane Morena o tletse mohau le lereko.