Luka 10:32 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka mokgwa o jwalo le Molevi a fihla moo, mme ha a mmona, a mo kwekwetla. BIBELE Ka mokgwa ona oo le Molevi a fihla sebakeng seo, ha a mmona a mo kwekwetla. Baasraak Sotho NT Le Molevi le eena, ha a fihla sebakeng seo, a tla ’me a mo talima, a mo tšelela ka mose oane. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le Molevi le eena, ha a fihla sebakeng seo, a tla ’me a mo talima, a mo tšelela ka mose oane. |
O se ke wa furalla motswalle wa hao, leha e le motswalle wa ntatao; mme o lese ho ya ha ngwaneno mohla o leng tsietsing. Eo le ahisaneng hammoho le yena o feta ngwaneno ya leng hole.
Na hase hore o abele ya lapileng bohobe ba hao, o amohele mofutsana ya twailang tlung ha hao na? Leha o bona motho ya hlobotseng, o mo apese, o se ke wa ipata pela ngwaneno.
Empa Mosamaria e mong, wa moeti, ha a etla moo a leng teng, yare ha a mmona, a mo utlwela bohloko.
Empa Pauluse a mo howeletsa ka lentswe le phahameng, a re: O se ke wa ipolaya, hobane re sa le mona kaofela.
Yaba Bagerike kaofela ba tshwara Sosthene, mmusi wa sinagoge ba mo otla pela lekgotla, mme Galione a se ke a tsotella letho la tseo.
Hobane batho e tla ba baithati, le ba ratang leruo, le bakaki, le baikakasi, le banyefodi, le ba sa utlweng batswadi ba bona, ba hlokang teboho le borapedi;