Luka 10:30 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a bua, a re: Motho e mong o ne a theohile Jerusalema ho ya Jeriko; a wela hara dihlola; tsa mo hlobodisa, tsa mo ntsha dikotsi, tsa ntoo ikela, tsa mo siya a le makgatheng a ho shwa. BIBELE Jesu a araba, a re: “Motho e mong o ne a theoha Jerusalema a eya Jeriko, mme a wela hara dinokwane tse ileng tsa mo hlobodisa, tsa mo kgakgatha, tsa mo siya a le makgatheng a ho shwa. Baasraak Sotho NT Jesu a araba, a re: “Monna e mong o ne a theohile Jerusalema a ya Jeriko, mme a wela hara dinokwane, tsa mo hlobodisa, tsa mo ntsha maqeba, tsa tloha, tsa mo siya a le makhatheng a ho shwa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a araba, a re: “Monna e mong o ne a theohile Jerusalema a ya Jeriko, mme a wela hara dinokwane, tsa mo hlobodisa, tsa mo ntsha maqeba, tsa tloha, tsa mo siya a le makhatheng a ho shwa. |
Ka baka leo, bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tla otla medimo e betlilweng ya hae, mme lefatsheng lohle la hae ba hlabilweng ba tla fehelwa.
Ba re ho bomma bona: Bohobe le veine di kae na? Ba rialo ba ntse ba fela, jwaloka ba hlabilweng mapatlelong a motse, ba ntse ba neela meya ya bona difubeng tsa bomma bona.
Ke mpa ke tla natlafatsa matsoho a morena wa Babilona, ke tla bea lerumo la ka letsohong la hae, ke robe matsoho a Faro, a fehelwe pela hae ka mefehelo ya motho ya hlabilweng.
A nkela ho yena ba leshome le metso e mmedi, a ba bolella, a re: Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme tsohle tsa Mora motho tse ngodilweng ke baporofeta di tla phethahala.