Ha ntate a le jarisitse joko e boima, nna ke tla eketsa boima ba joko ya lona; ha ntate a le otlile ka diphafa nna ke tla le otla ka diphepheng.
Luka 10:19 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bonang, ke le neile matla a ho hata dinoha, le diphepheng, le matla wohle a sera; mme ha ho letho le tla le etsa hampe. BIBELE Bonang, ke le neile matla a ho hata dinoha le diphepheng, le a ho hlola matla wohle a sera, mme ha le ka ke la ntshuwa kotsi ke letho. Baasraak Sotho NT Bonang, ke le neile matla a ho hata dinoha le diphepheng, le matla ohle a sera; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Bonang, ke le neile matla a ho hata dinoha le diphepheng, le matla ohle a sera; |
Ha ntate a le jarisitse joko e boima, nna ke tla eketsa boima ba joko ya lona; ha ntate a le otlile ka diphafa nna ke tla le otla ka diphepheng.
Lesea le anyang le tla ipapalla mosimeng wa marabe, ngwana ya kgweswang a kenye letsoho lefarung la qowane.
Haele wena, mora motho, o se ke wa ba tshaba, o se ke wa tshoha mantswe a bona, leha bona ho wena e le bobatsi le meutlwa, mme o ahile le diphepheng. Se tshohe mantswe a bona, o se ke wa tepella ka baka la bona, etswe e le ntlo ya bahanyetsi.
ba tla tshwara dinoha, mme leha ba nwele ntho e ka ba bolayang, ha e ka ke ya ba etsa letho; ba tla bea matsoho hodima ba kulang, mme ba tla fola.
Modimo wa kgotso ke wona o tla phakisa o robokele Satane katlasa maoto a lona. Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona. Amen!
Ekare ha motho a rata ho di etsa hampe, mollo o tla tswa melomong ya tsona, mme o tla ja dira tsa tsona; mme e mong le e mong ya ratang ho di etsa hampe, e ka kgona a shwe jwalo.