O wele jwang lehodimong, mphatlalatsane, mora mafube? O rapaladitswe jwang fatshe, wena, mohlaseladitjhaba?
Luka 10:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) A re ho bona: Ke ne ke tadima Satane a ewa lehodimong jwaloka lehadima. BIBELE Jesu a re ho bona: “Ke bone Satane a ewa lehodimong jwaloka lehadima. Baasraak Sotho NT A re ho bona: Ke bone Satane a theoha lehodimong jwaloka lehadima. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re ho bona: Ke bone Satane a theoha lehodimong jwaloka lehadima. |
O wele jwang lehodimong, mphatlalatsane, mora mafube? O rapaladitswe jwang fatshe, wena, mohlaseladitjhaba?
Jwale, Jesu a re ho yena: Tloha, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Kgumamela Morena, Modimo wa hao, mme o sebeletse yena feela.
Jwale, e se e le kahlolo ya lefatshe lena; jwale, morena wa lefatshe lena o tla lelekelwa ntle.
Mme kahobane bana ba na le kabelo nameng le mading, le yena o ile a ba le kabelo teng jwaloka bona, hore a fedise ka lefu la hae ya nang le mmuso wa lefu, ke ho re, Diabolose,
ya etsang sebe ke wa Diabolose; hobane Diabolose o etsa sebe esale ho qaleng. Lebaka leo Mora Modimo a hlahileng ka lona, ke hore a fedise mesebetsi ya Diabolose.
La tshwara drakone, noha ya kgale, e leng Diabolose le Satane, mme la e holehela dilemo tse sekete.
Lengeloi la bohlano la letsa terompeta ya lona, mme ka bona naledi e tswang lehodimong e wetseng lefatsheng; ya newa senotlolo sa sekoti sa dihele,