Luka 1:66 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mme bohle ba di utlwang ba di boloka dipelong tsa bona, ba re: Ha ho le jwalo, ngwana eo e tla ba eng? Hobane letsoho la Morena le ne le le ho yena. BIBELE bohle ba di utlwang ba di boloka pelong tsa bona, ba re: “Ekaba ngwana eo e tla ba eng?” Letsoho la Morena le ne le fela le ena le yena. Baasraak Sotho NT Bohle ba di utlwang ba di boloka dipelong tsa bona, ba re: “Ngoana eo e tla ba ya jwang? Mme letsoho la Morena la eba le yena. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Bohle ba di utlwang ba di boloka dipelong tsa bona, ba re: “Ngoana eo e tla ba ya jwang? Mme letsoho la Morena la eba le yena. |
Jehova a ba le Josefa, ya eba motho ya lehlohonolo, mme a dula ka tlung ya monga hae Moegepeta.
Akabe a kena koloing, a ya Jisreele. Letsoho la Jehova la eba hodima Elia: a itlama letheka, a titima pela Akabe ho ya fihla kgorong ya Jisreele.
Sireletsa motho, mosebetsi wa letsoho la hao le letona, le mora wa motho eo o ikgethetseng yena.
Haele ngwana, a nna a hola, a ipha matla moyeng; a nna a dula mafeelleng, ha ba ha fihla letsatsi leo a hlahileng pela Iseraele ka lona.
Haele ngwana a nna a hola, a ipha matla, a tlala bohlale; mme molemo wa Modimo wa nna wa dula ho yena.
Yaba o theoha le bona, a ya Nasaretha. O ne a ba utlwa; mme mmae a nna a boloka ditaba tseo kaofela pelong ya hae.
Le ikenye ditaba tsena ditsebeng tsa lona. Hobane Mora motho o ya neelwa matsohong a batho.
Letsoho la Morena la eba le bona, mme batho ba bangata ba dumela, ba sokolohela ho Morena.
ka baka la tshepo eo le e beetsweng mahodimong, eo le e utlwileng pele ka lentswe la nnete la Evangeli
E mong wa bahlanka a fetola, a re: Bona, ke bone mora e mong wa Jese wa Bethlehema, ya tsebang ho letsa; hape, ke motho ya matla, ya bohale, motho wa ntwa, ya kelello ditabeng, ya sebopeho se setle, mme Jehova o ho yena.