Lea a re: Ke lehlohonolo, hobane baradi ba batho ba tla mpitsa ya lehlohonolo; mme a mo rea lebitso la Asere (ya lehlohonolo).
Luka 1:48 - Sesotho 1909/1961 (SO) hobane o tadimile bofutsana ba lekgabunyane la hae; mme jwale, meloko yohle e tla re, ke lehlohonolo, BIBELE hobane o ile a tadima ho eiseha ha lekgabunyane la hae. Bonang, ho tloha jwale meloko yohle e tla re nna ke lehlohonolo, Baasraak Sotho NT Hobane o tadimile ho ikokobetsa ha lekgabunyane la hae; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane o tadimile ho ikokobetsa ha lekgabunyane la hae; |
Lea a re: Ke lehlohonolo, hobane baradi ba batho ba tla mpitsa ya lehlohonolo; mme a mo rea lebitso la Asere (ya lehlohonolo).
Jwale, bolella mohlanka wa ka Davida, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke ne ke o late merakeng, o setse dinku morao, hore ke o bee modisa wa setjhaba sa ka sa Iseraele.
Lebitso la hae le ke ke la fela, letsatsi ha le sa ntse le kganya, lebitso la hae le tla hloleha, batho ba hlohonolofatsane ka lona; ditjhaba tsohle di tla le hodisa.
Tseo tsohle di entswe ke letsoho la ka; tsohle tseo di bile teng ka nna: ho bolela Jehova. Empa eo ke tla mo tadima ke ya hlomohileng, ya robehileng pelo, le ya thothometswang ke lentswe la ka.
Mme ditjhaba tsohle di tla re: Le ba lehlohonolo; hobane le tla ba lefatshe le kgahlehang, ho bolela Jehova wa makgotla.
Lengeloi la kena ho yena, la re: Dumela, mohauhelwa: Morena o na le wena! O lehlohonolo hara basadi!
a phahamisa lentswe, a re: Ho lehlohonolo wena hara basadi, ho lehlohonolo le yona tholwana ya popelo ya hao.
Ho lehlohonolo ya dumetseng; hobane ditaba tseo a di boleletsweng ke Morena di tla etsahala.
Jesu a re a sa bolela taba tseo, mosadi e mong ya hara bongata a phahamisa lentswe, a re ho yena: Ho lehlohonolo popelo e o emereng, le matswele ao o a antseng.
A itlama ka kano, a re: Jehova wa makgotla, ha o ka tadimisisa bohloko ba lekgabunyane la hao, leha o ka nkgopola, o sa lebale lekgabunyane la hao, leha o ka fa lekgabunyane la hao ngwana e motona, ke tla mo neela Jehova ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha hae, mme lehare ha le ka ke la mmeola hlooho.
O ntsha mofutsana ditholeng; o tlosa mofumanehi thotobolong, e le hore a ba dudise hara marena, mme a ba ruise terone ya kganya. Hobane metheo ya lefatshe ke ya Jehova; o tiisitse lefatshe lohle hodima yona.