La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Luka 1:46 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Yaba Maria o re: Moya wa ka o rorisa Morena;

Ver Capítulo

BIBELE

Yaba Maria o re:

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Maria a re: Moya wa ka o tlotlisa Morena;

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Maria a re: Moya wa ka o tlotlisa Morena;

Ver Capítulo



Luka 1:46
15 Referencias Cruzadas  

Ke moo moya wa ka o tla hlasimolohela ho Jehova, o thabele poloko ya hae.


Moloko wa Iseraele kaofela o tla bewa o lokileng ke Jehova, o ithorise ho yena.


Ke tla ithabela ho Jehova, moya wa ka o nyakalle ho Modimo wa ka, hobane o nkapesitse ka diaparo tsa poloko, o nkwahetse ka kobo ya ho loka, jwaloka monyadi ya kgabisitsweng ka moqhaka, le jwaloka monyaduwa ya itlhophisang ka mekgabo ya hae.


Mme hase hoo feela, empa hape re ithorisetsa ho Modimo ka Jesu Kreste, Morena wa rona, eo jwale re boneng poelano ka yena.


hore ho mpe ho be jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ya ithorisang, a ithorisetse Moreneng.


Ho roriswe Modimo o re neang ho hlola kamehla ka Kreste, o hasetsang hohle ka rona monkgo wa tsebo ya wona!


hobane ke rona re leng lebollo la nnete, bao re sebeletsang Modimo moyeng, bao re ithorisetsang ho Jesu Kreste, bao re sa tshepeng nama.


Ithabeleng Moreneng kamehla; ke boela ke rialo, ke re: Ithabeleng.


Modimo wa kgotso, wona ka sebele, o le halaletse, o le etse ba phethehileng; kaofela ha moya wa lona, le ha pelo ya lona, le ha mmele wa lona, ho bolokelwe ho hlaheng ha Morena wa rona Jesu Kreste ho se na sekodi.


eo le mo ratang, leha le sa ka la mmona; eo, leha le eso ho mmone ho fihlela jwale, le dumetseng ho yena, mme le nyakallang ka thabo e sa bolelweng, e tlotlehang;