Phofo e ka pitseng ha e a ka ya fela, le ole e ka sehong ha e a ka ya fela, jwalokaha Jehova a ne a boletse ka Elia.
Luka 1:45 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ho lehlohonolo ya dumetseng; hobane ditaba tseo a di boleletsweng ke Morena di tla etsahala. BIBELE Ho lehlohonolo wena ya dumetseng, hobane ditaba tseo o di boleletsweng ke Morena di tla phethahala.” Baasraak Sotho NT Ho lehlohonolo ya dumetseng, hobane ditaba tseo a di boleletsweng ke Morena di tla phethahala. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho lehlohonolo ya dumetseng, hobane ditaba tseo a di boleletsweng ke Morena di tla phethahala. |
Phofo e ka pitseng ha e a ka ya fela, le ole e ka sehong ha e a ka ya fela, jwalokaha Jehova a ne a boletse ka Elia.
Yaba o tloha ho yena, a ikwalla ka lemati le bara ba hae; ba mo tlisetsa dipitsa, mme yena a qhatsetsa ho tsona.
Ba tsoha e sa le hosasa, mme ba tswela nqa lefeelleng la Tekowa; ba re ba sa tswa, Josafate a ema, a re: Mmameleng, lona Bajuda, le lona baahi ba Jerusalema! Ke re: Tshepang Jehova, Modimo wa lona, le tle le tiye; le dumele baporofeta ba hae, le tle le atlehe.
Mme bona, o tla ba semumu, o sitwe ho bua, ho be ho fihle matsatsi ao ditaba tseo di tla etsahala ka wona, kahobane o sa ka wa dumela dipolelo tsa ka, tse tla etsahala nakong ya tsona.
O ka bona, lentswe la tumediso ya hao etsware ha le kena ditsebeng tsa ka, ngwana a hlasimoloha ke thabo popelong ya me.
hobane o tadimile bofutsana ba lekgabunyane la hae; mme jwale, meloko yohle e tla re, ke lehlohonolo,
Jesu a re ho yena: Na ha ke a ka ka o bolella hore, ekare ha o dumela, o tla bona kganya ya Modimo na?
Jesu a re ho yena: Kahobane o mpone, Thomase, o dumetse. Ho lehlohonolo ba dumetseng, leha ba sa ka ba bona.