Luka 1:31 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bona, o tla emola, mme o tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu. BIBELE Bona, o tla emola, o belehe mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu. Baasraak Sotho NT Bona, o tla emola, mme o tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Bona, o tla emola, mme o tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu. |
Ka baka leo, Morena o tla le fa pontsho, e le yena: Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emmanuele (Modimo o na le rona).
O tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu; hobane ke yena ya tla pholosa setjhaba sa hae dibeng tsa sona.
Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme lebitso la hae o tla bitswa Emmanuele, ke ho re, ha ho fetolwa, Modimo o na le rona.
mme ha a ka a mo tseba, a eso ho belehe mora hae wa letsibolo; mme a mo rea lebitso la Jesu.
Empa lengeloi la re o yena: Se tshabe, Sakaria, hobane thapelo ya hao e utlwilwe, mme mosadi wa hao Elisabetha o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Johanne.
ho morwetsana ya lebeleditsweng ke monna ya bitswang Josefa, wa ntlo ya Davida. Lebitso la morwetsana e ne e le Maria.
Matsatsi a robileng meno e le mmedi a ho tla bolotsa ngwana ha a fetile, ba mo rea lebitso la Jesu, leo a neng a le reilwe ke lengeloi, a eso ho emolwe popelong.
Empa nako ha di phethehile, Modimo o romile Mora wona, ya tswetsweng ke mosadi, a hlahetse pusong ya molao,