Aletare e na le tswe tse nne, mme ho tloha leifong, hodimo ho lona, ho na le manaka a mane.
Levitike 9:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bara ba Aarone ba mo tlisetsa madi; a qopetsa monwana wa hae mading, a a bea manakeng a aletare; a ntoo tshollela fatshe aletareng madi a setseng. BIBELE Bara ba hae ba mo tlisetsa madi, mme a qopetsa monwana wa hae ka mading ao, a tlotsa manaka a aletare ka wona, mme a setseng a a qhalla motheong wa aletare. |
Aletare e na le tswe tse nne, mme ho tloha leifong, hodimo ho lona, ho na le manaka a mane.
O tla nka madi a mong a yona, o a bee manakeng a yona a mane, le dintlheng tse nne tsa mothati wa yona, le moqhakeng o o potolohang, mme o tla e hlatswa jwalo, le ho e phekola.
Etlare ha a etswa, o tla ya aletareng e pela Jehova, mme o tla e etsetsa pheko ka ho nka madi a pohwana le madi a phooko, ao a tlang ho a bea manakeng a aletare ka nqa tsohle;
Moprista o tla qopetsa monwana wa hae mading a sehlabelo sa sebe, a a bee manakeng a aletare ya ditjheso, mme madi a setseng o tla a tshollela fatshe aletareng ya ditjheso.
Moprista o tla nka madi a mang a yona ka monwana, a a bee manakeng a aletare ya ditjheso; madi a setseng kaofela o tla a tshollela fatshe aletareng.
Moshe a e hlaba, a nka madi a yona, a a bea ka monwana wa hae manakeng a aletare ka nqa tsohle; kahoo a hlwekisa aletare; madi a setseng a a tshollela fatshe aletareng, mme a e kgetha jwalo, ho tle ho etswe pheko teng.
Mafura, le diphio, le mafura a kguto a katlasa sebete, a sehlabelo sa sebe, a a tjhesa aletareng, kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.
A ntoo hlaba setjheso; bara ba Aarone ba mo tlisetsa madi, mme a a tshollela aletareng ka nqa tsohle.
A hlaba kgomo le pheleu, e be sehlabelo sa teboho bakeng sa setjhaba; bara ba Aarone ba mo tlisetsa madi, mme a a tshollela aletareng ka nqa tsohle.
Efela ho ne ho tshwaneleha hoba yena eo ntho tsohle di etseditsweng yena, eo tsohle di entsweng ke yena, ha a ne a tla isa bana ba bangata kganyeng, a phethisise ka bohloko eo e leng Morena wa poloko ya bona.