Levitike 8:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Moshe o atametsa Aarone le bara ba hae, mme a ba hlatswa ka metsi, a apesa Aarone kojwana; BIBELE Jwale Moshe a tlisa Arone le bara ba hae, a ba hlatswa ka metsi. |
O foke hodima ka ka hisopa, ke tle ke phekolehe! O ntlhatswe, ke tle ke fetisa lehlwa ka bosweu!
O ntoo atametsa Aarone le bara ba hae pela monyako wa tente ya pokano, o ba hlatswe ka metsi.
Etlare ha ba etla tenteng ya pokano, ba itlhatswe ka metsi, ba tle ba se ke ba eshwa; ba itlhatswe hape, ha ba atamela aletareng ho etsa tshebeletso, ho tjhesa sehlabelo se tjhesetswang Jehova.
O ntoo atametsa Aarone le bara ba hae monyako wa tente ya pokano, o ba hlatswe ka metsi.
Itlhatsweng, le itlhwekise; tlosang bolotsana ba diketso tsa lona pela mahlo a ka, lesang ho etsa hampe;
Ke tla le tshela ka metsi a hlwekileng, hore le tle le ntlafale; ke tla le ntlafatsa, hore le hloke ditshila tsohle tsa lona le ditshwantsho tsohle tsa lona.
O tla ikapesa ka kojwana e kgethehileng ya lene, a tene mmeleng wa hae borikgwana ba lene, a itlame ka senyepa sa lene, a rwale lesela la lene hloohong; ke tsona diaparo tse kgethehileng, tseo a tlang ho ikapesa ka tsona, ha a se a hlatswitse mmele wa hae metsing.
Sediba se tla ba teng, ka tsatsi leo, se kwaholletsweng ntlo ya Davida le baahi ba Jerusalema, ho hlatswa sebe le ditshila.
Mme ke seo ba bang ho lona le neng le le sona; empa le hlatswitswe, empa le halaleditswe, empa le beilwe ba lokileng ka lebitso la Morena Jesu, le ka Moya wa Modimo wa rona.
hore a tle a e halaletse, ha a se a e ntlafaditse ka hlatsuo ya metsi ka lentswe la hae,
a re atameleng ho wona ka pelo ya nnete, ka tumelo e nang le tshepo ya sebele, matswalo a mabe a phekotswe dipelong tsa rona, mme mmele ya rona e hlatswitswe ka metsi a hlwekileng.
e leng dijo le dino feela, le dihlatsuo tse ngata, le mekgwa ya nama, e beilweng ho be ho fihle nako ya tokiso.
Ka re ho yena: Monghadi, ho tseba wena. A re ho nna: Ke ba tswang mahlomoleng a maholo; ba hlatswitse diaparo tse telele tsa bona, ba di sweufaditse mading a Konyana.