Ho jwaloka ole e hlokwang, e tshelwang hloohong, e qhitsetsang ditedung, ditedung tsa Aarone, e qhitsetsang ho isa le mosehong wa seaparo sa hae.
Levitike 8:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) A tshollela hloohong ya Aarone ole ya tlolo, a mo tlotsa, a tle a kgethwe. BIBELE A tshela ole hodima hlooho ya Arone, a mo tlotsa hore a halalele. |
Ho jwaloka ole e hlokwang, e tshelwang hloohong, e qhitsetsang ditedung, ditedung tsa Aarone, e qhitsetsang ho isa le mosehong wa seaparo sa hae.
o ntoo apesa Aarone, moholwane wa hao, hammoho le bara ba hae. O tla ba tlotsa, o ba hlwekise, o ba kgethe hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka.
O tlotse Aarone le bara ba hae, mme o ba kgethe hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka.
Le se ke la tloha monyako wa tente ya pokano, hore le tle le se ke la shwa; etswe ole ya tlolo e dutse hodima lona. Ba etsa ka polelo ya Moshe.
Ha ekaba ya entseng sebe ke moprista ya tlotsitsweng, mme kahoo a dihetse batho molatong, o tla hlahisetsa Jehova pohwana e se nang sekodi ka baka la sebe seo a se entseng, e le sehlabelo sa sebe.
Ke tseo Jehova a laelang bana ba Iseraele ho ba nea tsona, ho qala letsatsing leo a ba tlotsitseng ka lona. Hoo e tla ba molao wa kamehla melokong ya bona.
Moshe a nka ole ya tlolo, le madi a neng a le aletareng, a foka Aarone le diaparo tsa hae ka wona, hammoho le bara ba hae, le diaparo tsa bona; a kgetha jwalo Aarone le diaparo tsa hae, hammoho le bara ba hae le diaparo tsa bara ba hae.