Yaba o re ho nna: Dikamore tse ka nqa leboya, le dikamore tse ka nqa borwa, tse mabapa le sebaka se feela, ke dikamore tse halalelang, moo baprista ba atamelang Jehova ba tla jela dintho tse halalelang teng; ke moo ba tla bea ntho tse halaledisisang, dinyehelo le mahlabelo a sebe, kapa a molato; etswe nqalo eo e le e halalelang.
Ekare ha motho a nkile nama e kgethehileng ka kobo ya hae, mme ka kobo ya hae a ama bohobe, leha e le moroho, kapa veine, kapa ole, kapa sejo sefe le sefe, na se tla kgetheha na? Baprista ba araba, ba re: Tjhe.