O tla hlatswa diteng le ditlhako ka metsi, mme moprista o tla tjhesa ntho tseo kaofela aletareng: ke sona setjheso, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.
Levitike 7:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Moprista o tla a tjhesa aletareng, e le sehlabelo se tjheseditsweng Jehova ka mollo; ke sehlabelo sa molato. BIBELE Moprista o tla di tjhesetsa hodima aletare, e le nyehelo ya setjheso e etsetswang Morena. Ke nyehelo e tlosang sebe. |
O tla hlatswa diteng le ditlhako ka metsi, mme moprista o tla tjhesa ntho tseo kaofela aletareng: ke sona setjheso, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.
Empa diteng le ditlhako, o tla di hlatswa ka metsi; moprista o tla tjhesa ntho tseo kaofela aletareng: ke setjheso, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.
Moprista o tla tjhesa karolo ya kgopotso ya dihlaku tse hohlilweng, le ya ole le dibano kaofela: ke nyehelo e tjheseditsweng Jehova.
O tla le isa ho baprista, bara ba Aarone; moprista o tla qotsa ho lona lefi la phofo le tshetsweng ka ole ka seatla, le dibano kaofela, mme moprista o tla di tjhesa aletareng, e be kgopotso aletareng, e le sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.
Moprista o tla ngwatha nyehelong se tshwanetseng ho ba kgopotso, a se tjhese aletareng: ke sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.
Moprista o tla tjhesa mafura ao kaofela aletareng: mafura kaofela ke sejo sa sehlabelo sa setjheso se tjheswang ka mollo, se monko o monate ho Jehova.
Sehlabelong seo sa teboho o tla nka seo a tlang ho etsa ka sona sehlabelo se tjhesetswang Jehova, e leng mafura a apesang mala, le mafura kaofela a kgomaretseng mala,
Empa ha a ka sitwa ho ntsha nku kapa podi ka baka la ho fumaneha, o tla hlahisetsa Jehova, ho etsa sehlabelo sa molato ka baka la sebe seo a se entseng, maebakgorwana a mabedi, leha e le madinyane a mabedi a maeba, le leng e be sehlabelo sa sebe, le leng e be setjheso.
le diphio tse pedi le mafura a tsona, ho isa ho a mahlono, le mafura a kguto a katlasa sebete, a tlang ho kgaolwa pela diphio.
Ba batona bohle hara baprista ba tla se ja; se tla jelwa nqalong e halalelang: se halalela haholo.
Ke thakgisitswe le Kreste, mme ha e hlole e le nna ya phelang, empa e le Kreste ya phelang ka ho nna; mme jwale, ha ke sa ntse ke phela nameng, ke iphelela tumelong ho Mora Modimo, ya nthatileng, a ba a itella nna.