Se setseng nyehelong eo e tla ba sa Aarone le bara ba hae; ke kabelo e halalelang haholo hara mahlabelo a tjheseditsweng Jehova.
Levitike 6:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Setjheso se tla sala leifong la aletare ka bosiu bohle ho isa hosasa, mme mollo aletareng o nne o sohleletswe. BIBELE “Laela Arone le bara ba hae, o re: ‘Ona ke molao wa sehlabelo sa setjheso. Sehlabelo sa setjheso se tla siuwa hodima leifo la aletare bosiu bohle, ho fihlela letsatsi la hosasane. Mollo o hodima aletare o nne o fepelwe. |
Se setseng nyehelong eo e tla ba sa Aarone le bara ba hae; ke kabelo e halalelang haholo hara mahlabelo a tjheseditsweng Jehova.
Se setseng sa nyehelo eo e tla ba sa Aarone le bara ba hae; ke kabelo e halalelang haholo hara mahlabelo a tjheseditsweng Jehova.
E tla ba a Aarone le a bara ba hae, ba tlang ho a ja nqalong e halalelang, hobane ho bona e tla ba ntho e halalelang haholo, ke karolo ya dinyehelo tse tjhesetswang Jehova ka mollo. Ke molao o sa feleng.
Jehova a bua le Moshe, a re: Laela Aarone le bara ba hae, o re: Molao wa ditjheso ke wona ona:
Ere ho bona: Ke sena setjheso seo le tla se hlahisetsa Jehova: Ka tsatsi le leng le le leng le tla hlahisa dikonyana tse tona tse pedi tse se nang sekodi, tse lemo se le seng, e nne e be setjheso sa kamehla.
Ka tsatsi la Sabatha, le tla hlaba konyana tse tona tse pedi tse lemo se le seng, tse se nang sekodi; le tla hlahisa nyehelo ya boshome ba bobedi ba efa ya lefi la phofo le dubilweng ka ole, le yona tshelo ya yona.