Ekare ha o teana le kgomo ya sera sa hao, kapa esele ya sona e lahlehileng, o e busetse ho sona.
Levitike 6:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) leha e le ka ho latola ntho eo a e thotseng, e neng e lahlehile, kapa ka ho hlapanya ka leshano hodima ntho efe le efe eo ho ka thweng ke sebe; BIBELE kapa ere ha a fumane ntho e lahlehileng a etse bolotsana, a hlapanye ka leshano, hore ha a a ka a e fumana, motho ya etsang e nngwe ya tsena tsohle o etsa sebe. |
Ekare ha o teana le kgomo ya sera sa hao, kapa esele ya sona e lahlehileng, o e busetse ho sona.
O ba etsetse le marikgwana a lene ho apesa bofeela ba bona; a tla tloha lethekeng, a fihle diropeng.
esere mohlomong ha ke kgotshe, ka o latola, ka re: Jehova ke mang na? mohlomong ha ke fumanehile, ka utswa, mme ke tlaela ka lebitso la Modimo wa ka.
Le reng? Le re, ho utswa, ho bolaya, ho feba, ho ana ka leshano, ho tjhesetsa Baale dibano, le ho tsamaela medimo esele eo le sa e tsebeng, le ka etsa tseo;
Leha ba tswela lebaleng le kantle, ke re lebaleng le kantle la setjhaba, ba tla hlobola diaparo tsa bona tseo ba sebetsang ka tsona, ba di bee dikamoreng tse halalelang, ba apare meaparo esele, hore ba se ke ba halaletsa setjhaba ka meaparo ya bona.
O tla nka kiila le ho kahare ho yona, a di lahlele thotobolong ya molora, pela aletare, nqa botjhabela.
O tla ikapesa ka kojwana e kgethehileng ya lene, a tene mmeleng wa hae borikgwana ba lene, a itlame ka senyepa sa lene, a rwale lesela la lene hloohong; ke tsona diaparo tse kgethehileng, tseo a tlang ho ikapesa ka tsona, ha a se a hlatswitse mmele wa hae metsing.
Le se ke la hlapanya ka leshano ka lebitso la ka, hobane moo etlaba ke ho nyefola lebitso la Modimo wa hao. Ke nna Jehova.
Ke e ntshitse, ho bolela Jehova wa makgotla, mme e tla kena tlung ya leshodu, le tlung ya ya hlapanyang ka lebitso la ka ka bohata; e tla dula kahara ntlo ya hae, e tle e e fedise, le difate tsa yona, le majwe a yona.
Ke tla atamela ho lona ho etsa kahlolo, ke be paki e akofang hodima baloi, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang moputso wa ya sebetsang, le ba jang mosadi wa mohlolohadi le kgutsana, le ba hlorisang moditjhaba, ba sa ntshabe, ho bolela Jehova wa makgotla.