Modimo o ratile ho mo roba le ho mmea tlokotsing; empa etlare hobane a bee ho phela ha hae hore e be sehlabelo bakeng sa dibe, o tla bona bana, a eketse matsatsi a hae, morero wa Jehova o atlehe matsohong a hae.
Levitike 4:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) O tla nka mafura wohle a poho ya sehlabelo sa sebe, e leng mohlehlo o apesang mala, BIBELE O tla nka mafura wohle a pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, le mohlehlo, le mafura a dikahare, |
Modimo o ratile ho mo roba le ho mmea tlokotsing; empa etlare hobane a bee ho phela ha hae hore e be sehlabelo bakeng sa dibe, o tla bona bana, a eketse matsatsi a hae, morero wa Jehova o atlehe matsohong a hae.
O tla etsa ka poho eo kamoo a entseng ka poho ya sehlabelo sa sebe kateng; o tla e etsa jwalo. Moprista o tla ba etsetsa pheko jwalo, ba tle ba tshwarelwe.
O tla tjhesa mafura kaofela a podi aletareng, jwaloka mafura a sehlabelo sa teboho; moprista o tla etsetsa motho eo pheko ya sebe sa hae jwalo, a tle a tshwarelwe.
O tla nka mafura a yona kaofela, jwalokaha ho nkwa mafura a sehlabelo sa teboho, mme moprista o tla a tjhese aletareng, e be monko o monate ho Jehova; moprista o tla mo etsetsa jwalo pheko ya sebe seo a se entseng, mme o tla se tshwarelwa.
O tla nka mafura kaofela kamoo ho nkwang mafura kateng, a nku e tona ya sehlabelo sa teboho, mme moprista o tla e tjhesa aletareng, e be sehlabelo se tjheseditsweng Jehova ka mollo. Moprista o tla mo etsetsa jwalo pheko ya sebe seo a se entseng, mme o tla se tshwarelwa.
Jwale, moya wa ka o a sisimoha; mme ke tla reng? Na ke tla re: Ntate, o ntwele nakong ena? Empa ke yona ntho eo ke tletseng nako ena.