Haele nama ya poho, le letlalo la yona, le moswang wa yona, o di tjhese kantle ho diahelo; ke sehlabelo sa sebe.
Levitike 4:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) ke re, poho kaofela, e tla hulelwa kantle ho diahelo, nqalong e hlwekileng, thotobolong ya melora, mme o tla e tjhesa ka patsi feela; e tla tjheseletswa thotobolong ya melora. BIBELE ke ho re pohwana yohle, tsena tsohle o tla di nkela kantle ho diahelo, sebakeng se hlwekileng, thotobolong, a di tjhesetse teng ka patsi, a di tjhesetse thotobolong.’ ” |
Haele nama ya poho, le letlalo la yona, le moswang wa yona, o di tjhese kantle ho diahelo; ke sehlabelo sa sebe.
O ntoo nka poho ya sehlabelo sa sebe, o e tjhese nqalong e beilweng ya ntlo, kantle ho sehalalelo.
O tla ba le sesila mehleng yohle eo a nang le bohloko boo; o sesila, mme o tla aha a nnotshi: boaho ba hae bo tla ba kantle ho diahelo.
Pohwana ya sehlabelo sa sebe, le phooko ya sehlabelo sa sebe, tseo madi a tsona a isitsweng sehalalelong ho ba pheko, di tla thothelwa kantle ho diahelo, mme matlalo, le dinama, le meswang ya tsona di tla tjheswa ka mollo.
Poho e tla thothelwa kantle ho diahelo, mme e tla tjheswa, jwalokaha ho tjhesitswe poho ya pele: ke sona sehlabelo sa sebe sa phutheho.
Empa ho ke ke ha jewa sehlabelo sa sebe leha se le seng seo madi a mang a sona a iswang tenteng ya pokano, ho etswa pheko sehalalelong: se tla tjheswa ka mollo.
ha a ka etsa sebe se jwalo, a etsa molato, o tla busa seo a se utswitseng, kapa seo a se nkileng ka mano, kapa se neng se beilwe ho yena, leha e le ntho eo a e thotseng, e neng e lahlehile;
A ntoo tjhesa kantle ho diahelo pohwana, le letlalo la yona, le nama ya yona le moswang wa yona jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
Yaba Jehova o re ho Moshe: Motho eo o tshwanetse ho bolawa; phutheho yohle e tla mo tlepetsa ka majwe kantle ho diahelo.
Sethole se tla tjheswa pela mahlo a hae; ho tla tjheswa letlalo la sona, le nama ya sona, le madi a sona, le wona moswang wa sona.
kapa e le monna, kapa e le mosadi le tla mo ntsha, le tla mo ntshetsa kantle ho diahelo, hore a se ke a silafatsa diahelo tsa bona, tseo ke ahileng hara tsona.
Ditopo tsa dikgomo tseo madi a tsona a nkelwang sehalalelong ke moprista e moholo ka baka la dibe, di tjheswa kantle ho setsha sa ditente.