Jwalokaha botjhabela bo le hole le bophirimela, o lahlela makgopo a rona jwalo hole le rona.
Levitike 4:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa letlalo la poho eo, le nama ya yona yohle, le hlooho ya yona, le ditlhako tsa yona, le mala a yona, le moswang wa yona, BIBELE Empa letlalo la yona, le nama yohle ya yona, le hlooho ya yona, le ditlhako tsa yona, le dikahare tsa yona, le moswang wa yona, |
Jwalokaha botjhabela bo le hole le bophirimela, o lahlela makgopo a rona jwalo hole le rona.
Haele nama ya poho, le letlalo la yona, le moswang wa yona, o di tjhese kantle ho diahelo; ke sehlabelo sa sebe.
Pohwana ya sehlabelo sa sebe, le phooko ya sehlabelo sa sebe, tseo madi a tsona a isitsweng sehalalelong ho ba pheko, di tla thothelwa kantle ho diahelo, mme matlalo, le dinama, le meswang ya tsona di tla tjheswa ka mollo.
Moprista o tla nka ntho tseo ka mokgwa oo di nkwang ka wona pohong ya sehlabelo sa teboho, mme o tla di tjhesa aletareng ya ditjheso.
Poho e tla thothelwa kantle ho diahelo, mme e tla tjheswa, jwalokaha ho tjhesitswe poho ya pele: ke sona sehlabelo sa sebe sa phutheho.
Empa ho ke ke ha jewa sehlabelo sa sebe leha se le seng seo madi a mang a sona a iswang tenteng ya pokano, ho etswa pheko sehalalelong: se tla tjheswa ka mollo.
Sethole se tla tjheswa pela mahlo a hae; ho tla tjheswa letlalo la sona, le nama ya sona, le madi a sona, le wona moswang wa sona.