Mehlape yohle ya Kedare e tla bokellelwa ho wena, dipheleu tsa Nebajothe di kene tshebeletsong ya hao; di tla hlwella aletareng ya ka, mme ke tla kgabisa ntlo ya kganya ya ka.
Levitike 3:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha a nyehela ka e kgutshwane e tona, kapa e tshehadi, e le sehlabelo sa teboho, o tla e hlahisa pela Jehova, e hloka sekodi. BIBELE “ ‘Haeba nyehelo ya hae ya sehlabelo sa teboho, se etsetswang Morena, e etswa mohlapeng wa dikgutshwane, ebang e tona kapa e tshehadi, o tla nyehela ka yona e se na sepha. |
Mehlape yohle ya Kedare e tla bokellelwa ho wena, dipheleu tsa Nebajothe di kene tshebeletsong ya hao; di tla hlwella aletareng ya ka, mme ke tla kgabisa ntlo ya kganya ya ka.
Sehlabelo sa hae haele setjheso sa dikgutshwane, sa dinku, kapa sa dipodi, o tla ntsha e tona, e se nang sekodi.
Bolela bana ba Iseraele, o re ho bona: Ekare ha motho hara lona a rata ho hlahisetsa Jehova sehlabelo, e tla ba sehlabelo kapa sa kgomo kapa sa tse kgutshwane.
Etlare ha le hlabela Jehova sehlabelo sa teboho, le tla se hlahisa ka mokgwa oo se ka dumelehang ka wona:
Le tla hlahisa phooko, e be sehlabelo sa sebe, le dikonyana tse tona tse pedi tse lemo se le seng, e be sehlabelo sa teboho.
le tshelo ya karolo ya bone ya hine ya veine, eo o tla e hlahisa hammoho le setjheso kapa sehlabelo, bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe.
O tla hlahisetsa Jehova kabelo ya hae, e leng konyana e tona e lemo se le seng, e se nang sekodi, e be setjheso; le sethole sa nku se se nang sekodi, se lemo se le seng, e be sehlabelo sa sebe, le pheleu e se nang sekodi, e be sehlabelo sa teboho;
Hobane efela Heroda, le Ponse Pilato, le baditjhaba, le meloko ya Iseraele e kopane hammoho ho lwantsha Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng;
Ha ho sa le Mojuda, leha e le Mogerike; ha ho sa le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang; ha ho sa le monna, leha e le mosadi; hobane kaofela ha lona le ntho e le nngwe ho Jesu Kreste.
Empa nako ha di phethehile, Modimo o romile Mora wona, ya tswetsweng ke mosadi, a hlahetse pusong ya molao,
hore, etlere nako tse beilweng ke wona ha di se di phethehile, o tle o bokellele tsohle ho Kreste, leha e le tse lehodimong, leha e le tse lefatsheng.