Ba boloke melao ya ka, e se be ba jara boima ba sebe sa bona, mme ba se ka ba eshwa, kahobane ba hlomphollotse dintho tse kgethehileng. Ke nna Jehova ya ba halaletsang.
Aarone le bara ba hae ba ke ba a tene, ha ba kena tenteng ya pokano, leha ba atamela aletareng, ho phetha tshebeletso ya sehalalelo, ba tle ba se ke ba etsa molato, mme ba se ke ba eshwa; ke taelo e sa feleng, e neilweng yena le ditloholo tsa hae tse tla mo hlahlama.
Jehova a re ho Moshe: Bolella moholwane wa hao Aarone, hore a se ke a nna a kena kamehla yohle sehlalelong kamora lesira pela sekwahelo se leng hodima areka, hore a se tlo shwa; hobane ke tla iponahatsa lerung hodima sekwahelo.
Le boloke melao ya ka, mme le se ke la etsa leha o le mong wa mekgwa e manyala e neng e etswa le eso ho kene, mme le se ke la itshela ditshila ka yona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.
Le ke ke la bewa molato le o mong bakeng seo, mme etlere ha le nkile se leng molemo, le se ke la senya dikabelo tse kgethehileng tsa bana ba Iseraele, le tle le se tshohe le eshwa.