Yaba tshimo ya Efrone e Makpela, e leng pela Mamre, tshimo le lehaha le ho yona, le difate tsohle tse tshimong le moeding wohle wa yona kahohle, ho a tiiswa,
Levitike 2:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le ka nyehella Jehova ka tsona dinyehelong tsa lona tsa dilopotsiya; empa di se ke tsa hlahiswa aletareng jwaloka monko o monate. BIBELE O ka tlisetsa Morena nyehelo ya dilopotsiya tsa tse kotutsweng, empa o se ke wa e tjhesetsa hodima aletare, e le setjheso se monko o monate. |
Yaba tshimo ya Efrone e Makpela, e leng pela Mamre, tshimo le lehaha le ho yona, le difate tsohle tse tshimong le moeding wohle wa yona kahohle, ho a tiiswa,
Eitse hobane taelo e tume, bana ba Iseraele ba tlisa dilopotsiya tse ngata tsa koro, tsa veine e ntjha, tsa ole, tsa dinotshi, le tsa tsohle tse bewang ke masimo; ba tlisa le karolo ya leshome ya ntho tsohle.
O se ke wa dieha ho ntsha lekgetho la seo modiko wa hao o tletseng sona, le la se rothang sehatelong sa hao. O tlo o nnee letsibolo la bara ba hao.
O tlo o tlise tlung ya Jehova, Modimo wa hao, dilopotsiya tsa tse bewang ke lefatshe la hao, tsa ho qala. O se ke wa apeha potsanyane ka lebese la mma yona.
O etse mokete wa dibeke, e leng wa dilopotsiya tsa kotulo ya koro, le mokete wa kotulo, ha selemo se fela.
Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Etlare hobane le kene naheng eo ke le neang yona, mohla le kotulang masimo, le tla tlisa ho moprista ngata ya dilopotsiya tsa kotulo ya lona.
Le tla tlisa mahobe a mabedi a tswang matlung a lona, a tlang ho tsokotswa, e le mahobe a entsweng ka karolo tse pedi tsa boshome tsa lefi la phofo, a phehilwe, a lomositswe; ke dilopotsiya tsa Jehova.
O tla hlahisa nyehelo ya hae, le dinkgwana tsa bohobe bo lomositsweng, hammoho le sehlabelo sa hae sa teboho le sa kgotso.
Le hlahise kabelo ya polokwe, e be dilopotsiya tsa hlama ya lona; ho be jwaloka kabelo e nkwang seotlong.
Ke o nea le dithakangwaha tseo ba tla di hlahisetsa Jehova; tsohle tsa ole e hlwekileng ka ho fetisa, le tsohle tsa veine le tsa koro tse fetisang ka monate.
Mme jwale, bona, ke tlisitse dilopotsiya tsa tse behwang ke lefatshe leo o nneileng lona, wena Jehova! O tla di bea pela Jehova, Modimo wa hao, o iname pela Jehova, Modimo wa hao.
Bao ke ba sa kang ba itshilafatsa le basadi; hobane ba sa le jwaloka mohla ba hlahang. Ke ba latelang Konyana hohle moo e yang teng; ke ba lopolotsweng hara batho, e be dithakangwaha ho Modimo le ho Konyana.