Levitike 19:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bolella phutheho yohle ya bana ba Iseraele, o re ho bona: Halalelang, hobane ke a halalela, nna Jehova, Modimo wa lona. BIBELE “Bua le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, o re ho sona: ‘Le halalele, hobane nna, Morena Modimo wa lona, ke a halalela. |
Le tla ba ho nna mmuso wa baprista, le setjhaba se kgethehileng. Ke wona mantswe ao o tlang ho a bolela ho bana ba Iseraele.
Ho nna le tla ba batho ba kgethehileng, mme le se ke la ja nama e harotsweng naheng; le tle le e akgele dintja.
Kgethehelang nna, hobane ke kgethehile, nna, Jehova, mme ke le kgaohantse le ditjhaba, le tle le be ba ka.
A se ke a hlompholla lesika la hae hara setjhaba sa habo; hobane ke nna Jehova ya mo halaletsang.
Feela, a se ke a atamela pela lesira, leha e le pela aletare, hobane o na le sekodi; a se ke a tlotlolla meaho ya ka e halalelang, hobane ke nna Jehova ya e halaletsang.
O tla tadima moprista ka ho re ke motho ya hlalalelang, hobane ke yena ya hlahisang sejo sa Modimo wa hao; ho wena e tla ba motho ya halalelang, hobane le nna ke halalehile, nna Jehova ya le halaletsang.
Jwale, baratuwa, ha re ena le dipallo tseo, a re ke re itlhatsweng ditshila tsohle tsa nama le tsa moya, re ntse re phetha kgalalelo ya rona ka ho tshaba Modimo.
kamoo o re kgethetseng ho yena kateng, ha o ne o eso ho thee lefatshe, hore re tle re halalele, mme re hloke sekodi pela wona.
Utlwa ke hona lentswe la Jehova, Modimo wa hao, o boloke ditaelo tsa hae le melao ya hae eo ke o laelang yona kajeno.
Ebile Joshua o re ho setjhaba: Le tla sitwa ho sebeletsa Jehova, kahobane ke Modimo o halalelang, ke Modimo o boulelang, o ke keng wa le lesella ditlolo tsa lona le dibe tsa lona.
Ha ho ya kgethehileng jwaloka Jehova; ha ho Modimo o mong haese wena; ha ho lefika le kang Modimo wa rona.