ba nnile ba tsamaya ka mekgwa ya ditjhaba tseo Jehova a neng a di lelekile pela bana ba Iseraele, le ka eo marena a Iseraele a entseng ka yona.
Levitike 18:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke nna Jehova, Modimo wa lona. Le se ke la lekisa se etswang naheng ya Egepeta, moo le kileng la aha teng, leha e le se etswang naheng ya Kanana eo ke ya le kenya ho yona, mme le se ke la latela mekgwa ya bona. BIBELE Le se ke la etsa jwalokaha ho ne ho etswa Egepeta, moo le neng le ahile teng; le se ke la etsa jwalokaha ho etswa Kanana, moo ke le isang teng. Le se ke la latela melao ya bona. |
ba nnile ba tsamaya ka mekgwa ya ditjhaba tseo Jehova a neng a di lelekile pela bana ba Iseraele, le ka eo marena a Iseraele a entseng ka yona.
o se ke wa ba wa kgumamela medimo ya bona, mme o se ke wa e sebeletsa, leha e le ho ya ka diketso tsa yona, o mpe o e fedisetse ruri, mme o robakisise ditshwantsho tsa yona.
Ka ho etsa jwalo, ha a ka a hloboha le bohlola boo a neng a bo entse le Baegepeta, mohla ba neng ba robale le yena botjheng ba hae, ha ba ne ba pholla matswele a hae e sa le kgarebe, ba mo tshollela bootswa ba bona.
Le se ke la ya ka mekgwa ya ditjhaba tseo ke tla di lelekisa pela lona; hobane di entse dintho tseo kaofela, mme ho nna di manyala.
Hape le se ke la ipapisa le lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ntjhafalo ya kelello ya lona, le tle le lemohe ho ratwang ke Modimo, hore na ke hofe, ho molemo, ho kgahlehang, ho phethehileng.
le bone manyala a tsona, le ditshwantsho tsa tsona tse entsweng ka mahong le ka majwe, ka silefera le ka kgauta, tse leng hara tsona.
Etlere ha Jehova, Modimo wa hao, a ba lelekile pela hao, o se ke wa bua pelong ya hao, wa re: Ke ka baka la ho loka ha ka Jehova a nkentseng naheng ena hore ke e rue; athe ke ka baka la bokgopo ba ditjhaba tseo Jehova a tlang ho di falatsa pela hao.