Sehlabelo sa hae haele setjheso sa dikgutshwane, sa dinku, kapa sa dipodi, o tla ntsha e tona, e se nang sekodi.
Levitike 16:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke ona mokgwa oo Aarone a tlang ho kena ka wona sehalalelong: O tla nka pohwana e be sehlabelo sa sebe, le pheleu e be setjheso. BIBELE “Arone o tla kena ka Sehalalelong ka mokgwa ona: a tlise pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, le pheleu ya nyehelo ya setjheso. |
Sehlabelo sa hae haele setjheso sa dikgutshwane, sa dinku, kapa sa dipodi, o tla ntsha e tona, e se nang sekodi.
Ha sehlabelo sa hae e le setjheso sa kgomo, a hlahise e tona e se nang sekodi, a e hlahise monyako wa tente ya pokano, a tle a amohelwe ke Jehova.
Aarone o tla hlahisa pohwana ya hae ya sehlabelo sa sebe, mme o tla iketsetsa pheko, a etsetse le ba ntlo ya hae.
Ha ekaba ya entseng sebe ke moprista ya tlotsitsweng, mme kahoo a dihetse batho molatong, o tla hlahisetsa Jehova pohwana e se nang sekodi ka baka la sebe seo a se entseng, e le sehlabelo sa sebe.
A atametsa pohwana ya sehlabelo sa sebe, mme Aarone le bara ba hae ba bea matshoho a bona hloohong ya pohwana ya sehlabelo sa sebe.
Moshe a atametsa pheleu ya setjheso, mme Aarone le bara ba hae ba bea matsoho a bona hloohong ya pheleu.
Nka pohwana e be sehlabelo sa sebe, le pheleu ya setjheso, di hloka sekodi tse pedi, mme o di hlabe pela Jehova.
O tla bolella bana ba Iseraele, o re: Nkang phooko ya sehlabelo sa sebe; le nke le namane le konyana tsa setjheso, e be tse lemo se le seng, tse hlokang sekodi;
o kene hang feela sehalaledisisong, e seng ka madi a diphooko le a manamane, empa e leng ka madi a hae a sebele, mme a etsa topollo e sa feleng.
empa ke moprista e moholo a nnotshi ya neng a kena sebakeng sa bobedi, hang feela ka lemo se seng le se seng; mme o ne a sa kene haese ka madi ao a a hlahisang ka baka la dibe tsa hae le tsa setjhaba.