Madi ao a ke a be hloohong ya Joabe le tlung yohle ya ntatae; ho se ke ha hlokeha ha habo Joabe ya nang le phallo ya madi, kapa molepera, kapa ya ikokotlelang ka lere, leha e le ya wang ka lerumo, leha e le ya hlokang bohobe.
Levitike 15:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bolellang bana ba Iseraele, le re ho bona: Monna e mong le e mong ya nang le ho dutla mmeleng wa hae, o sesila ka baka la ho dutla ha hae. BIBELE “Buang le bana ba Iseraele, le re ho bona: ‘Ha monna a ena le lero le qhitsang botoneng ba hae, lero leo le na le sesila. |
Madi ao a ke a be hloohong ya Joabe le tlung yohle ya ntatae; ho se ke ha hlokeha ha habo Joabe ya nang le phallo ya madi, kapa molepera, kapa ya ikokotlelang ka lere, leha e le ya wang ka lerumo, leha e le ya hlokang bohobe.
O beetse Jakobo bopaki, o beile molao Iseraeleng, oo a laetseng bontata rona hore ba o tsebise bana ba bona,
Ka baka la ho dutla ha hae o sesila; leha mmele wa hae o keleketlisa ho dutla hoo ha hae, kapa a ho thibela, o sesila.
Setloholo se seng le se seng sa Aarone se nang le lepera, kapa ho dutla, se ke ke sa eja dintho tse kgethehileng, se eso ho hlweke; ho jwalo, le bakeng sa e mong ya amileng motho ya leng sesila ke setopo, kapa ya hlapileng.
Ekare ha motho a ama ntho efe le efe e ditshila ya motho e mong, leha a sa ka a tseba, ha a qala ho tseba, eba o molato.
Laela bana ba Iseraele hore ba ntshe diahelong molepera e mong le e mong, le motho e mong le e mong ya nang le ho dutla, leha e le motho e mong le e mong ya silafaditsweng ke setopo;
Jwale, mosadi ya neng a ntse a kgathatswa ke phallo ya madi, dilemo di se di le leshome le metso e mmedi, a mo hlaha kamorao, a ama qola ya kobo ya hae.
Yaba mosadi ya neng a kula ke phallo ya madi e se e le dilemo tse leshome le metso e mmedi, ya neng a neile dingaka dintho tsa hae kaofela, a sa ka a fodiswa le ke e nngwe,