La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Levitike 14:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Molao oo molepera a tlang ho ya ka wona ka letsatsi la ho itlhatswa ha hae, ke wona ona:

Ver Capítulo

BIBELE

“Ona e tla ba molao wa molepera, mohla a hlwekiswang. O tla tliswa ho moprista.

Ver Capítulo



Levitike 14:2
9 Referencias Cruzadas  

Ke wona molao bakeng se letheba la lepera diaparong tsa boya, kapa tsa lene, leha e le ditshweleng tse otlolohileng, kapa ho tse tshekaletseng, leha e le mosebetsing ofe le ofe o entsweng ka letlalo, ho tle ho bolelwe ka wona ha ntho e hlwekile, leha e sa hlweka.


Jehova a bua le Moshe, a re:


Setloholo se seng le se seng sa Aarone se nang le lepera, kapa ho dutla, se ke ke sa eja dintho tse kgethehileng, se eso ho hlweke; ho jwalo, le bakeng sa e mong ya amileng motho ya leng sesila ke setopo, kapa ya hlapileng.


Ha e mong a ka tshoha a eshwa hanghang haufile yena, mme hlooho ya hae e kgethehileng e silafatswa ke hona, o tla e beola ka tsatsi la ho itlhwekisa ha hae, o tla e beola ka tsatsi la bosupa.


Mme ha a ba bona, a re ho bona: Eyang, le ipontshe ho baprista. Ba re ba sa ya, ba hla ba ntlafala.