Ekare ha ho hlaha kokobalo letlalong la mmele wa motho, kapa seso, kapa setlapedi se sesweu, se batlang ho tshwana le leqeba la lepera letlalong la mmele wa hae, o tla iswa ho moprista Aarone, leha e le ho e mong wa baprista, bara ba hae.
Levitike 13:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Moprista o tla boela a mo tadimisise, mme ha setlapedi se kekile letlalong, moprista o tla mmolela hore o sesila; ke lona lepera. BIBELE Moprista o tla boela a mo hlahloba, mme haeba lekgopho lena le bonahala le ntse le anela mmele, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila, hona ke lefu la lepera. |
Ekare ha ho hlaha kokobalo letlalong la mmele wa motho, kapa seso, kapa setlapedi se sesweu, se batlang ho tshwana le leqeba la lepera letlalong la mmele wa hae, o tla iswa ho moprista Aarone, leha e le ho e mong wa baprista, bara ba hae.
Moprista o tla tadimisisa leqeba letlalong la mmele wa hae; ekare ha mohwete wa leqeba o sweufetse, mme leqeba le phobetse ho feta letlalo la mmele wa hae, ke bohloko ba lepera; moprista ya mmoneng, o tla mmolela hoba o sesila.
Empa ekare ha a ne a se a itlhahisitse ho moprista hore a bolelwe hoba o hlwekile, mme setlapedi se boetse se kekile letlalong, o tla boela a itlhahise ho moprista.
Laela bana ba Iseraele hore ba ntshe diahelong molepera e mong le e mong, le motho e mong le e mong ya nang le ho dutla, leha e le motho e mong le e mong ya silafaditsweng ke setopo;
Ha o na kabelo leha e le tokelo tabeng ena; hobane pelo ya hao ha e a loka pela Modimo.
ba ba tshepisa tokoloho, athe bona ke bahlanka ba ho bola; hobane seo motho a hlolwang ke sona, o fetoha mofo wa sona le hona.