Kgalefo ya hao ha e a ka ya siya letho le phelang nameng ya ka, sebe sa ka se tlositse pholoho yohle masapong a ka.
Levitike 13:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa ekare ha a ne a se a itlhahisitse ho moprista hore a bolelwe hoba o hlwekile, mme setlapedi se boetse se kekile letlalong, o tla boela a itlhahise ho moprista. BIBELE Haeba lekgopho le bonahala hore le anela mmele, kamora hore motho enwa a itlhahise kapele ho moprista, hore a hlwekiswe, motho eo o tla boela a itlhahisa ho moprista kgetlo la bobedi. |
Kgalefo ya hao ha e a ka ya siya letho le phelang nameng ya ka, sebe sa ka se tlositse pholoho yohle masapong a ka.
Ekare ha ho hlaha kokobalo letlalong la mmele wa motho, kapa seso, kapa setlapedi se sesweu, se batlang ho tshwana le leqeba la lepera letlalong la mmele wa hae, o tla iswa ho moprista Aarone, leha e le ho e mong wa baprista, bara ba hae.
Etlare hobane moprista a mo tadimisisa ka letsatsi la bosupa, ekare ha bohloko bo kekile letlalong, moprista o tla mmolela hore o sesila; ke bohloko ba lepera.
moprista o tla boela a tadime ka letsatsi la bosupa, mme ha a bona hobane leqeba le sobane, mme ha le a ka la keka letlalong, moprista o tla mmolela hore o hlwekile; ke setlapedi feela; a ke a hlatswe diaparo tsa hae, mme o tla hlweka.
Moprista o tla boela a mo tadimisise, mme ha setlapedi se kekile letlalong, moprista o tla mmolela hore o sesila; ke lona lepera.
Moprista o tla kgutlela tlung eo ka la bosupa, mme ha a bona hobane letheba le namile maboteng a ntlo,