Modimo wa ba hlohonolofatsa, mme Modimo wa re ho bona: Ngatafalang, le ate, le tlale lefatsheng, le rene hodima lona, mme le buse dihlapi tsa lewatle, le tse rurang tsa mahodimo, le tsohle tse phelang, tse hahabang lefatsheng.
Levitike 12:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bolella bana ba Iseraele, o re: Ekare ha mosadi a emola, a ba a tswala ngwana e motona, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng; o tla ba sesila jwaloka mohla a ileng kgweding. BIBELE “Bolella bana ba Iseraele, o re: ‘Ha mosadi a ithwala, mme a beleha ngwana wa moshanyana, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng, jwalokaha a ile dinakong tsa hae. |
Modimo wa ba hlohonolofatsa, mme Modimo wa re ho bona: Ngatafalang, le ate, le tlale lefatsheng, le rene hodima lona, mme le buse dihlapi tsa lewatle, le tse rurang tsa mahodimo, le tsohle tse phelang, tse hahabang lefatsheng.
A re ho mosadi: Ke tla o atisetsa bohloko ba hao haholoholo kemarong ya hao: o tla beleha bana ka bohloko; ditakatso tsa hao di tla ba ho monna wa hao, mme o tla buswa ke yena.
Yaba Davida o romela manqosa ho mo lata; mosadi ha a fihla ho yena, Davida a robala le yena; hobane a itlhatswe ditshila tsa hae, a ipoella ha hae.
Ekare ha a beleha ngwanana, o tla ba sesila ka veke tse pedi, jwaloka mohla a ileng kgweding, mme o tla dula tlung ka matsatsi a mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng, a ntse a itlhatswa madi a hae.
Etlare ha mosadi a idile moilo wa hae o tswang mmeleng wa hae, o tla ba le sesila ka matsatsi a supileng. E mong le e mong ya mo amang, o tla ba sesila ho isa mantsiboya.
Ekare ha motho a ama ntho efe le efe e ditshila ya motho e mong, leha a sa ka a tseba, ha a qala ho tseba, eba o molato.
Hobane ho fete matsatsi ao ba itlhatswang ka wona, ka molao wa Moshe, ba isa ngwana Jerusalema, ho mo hlahisa pela Morena;