Levitike 11:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) le pela, hobane e a busolosa, empa ha e na tlhako e arohaneng; e tla ba sesila ho lona; BIBELE Pela e a thuisa, empa ha e na dikgolana, ka baka lena ho lona ha e a hlweka. |
Phoofolo e nngwe le e nngwe e nang le dikgola tse pedi le tlhako e arohaneng, e busolosa, e be dijo ho lona.
Haele tse busolosang feela, kapa tse ditlhako di arohaneng feela, tsona le se ke la di ja: ke kamele, hobane e a busolosa, empa ha e na tlhako e arohaneng; e tla ba sesila ho lona;
le moutla, hobane o a busolosa, empa ha o na tlhako e arohaneng; o tla ba sesila ho lona;
Empa e mong le e mong ya mamelang dipolelo tseo tsa ka, mme a sa etse ka tsona, a ka tshwantshwa ka monna ya lewatla, ya hahileng ntlo ya hae lehlabatheng;
Empa le se ke la ja tse thuisang feela, leha e le tse ditlhako di arohaneng feela, jwaloka kamele, moutla, le pela; hobane di a thuisa, empa ha di na ditlhako tse arohaneng; tsena ke tse ditshila ho lona;
ba tla ba le sebopeho sa borapedi, empa e le ba latotseng matla a jona. Le ba jwalo o ba furalle.
Ka molomo ba bolela hore ba tseba Modimo, empa ba o latola ka diketso; ke ba manyala le ba hanang ho utlwa, mme ba sitwa ke ho etsa mosebetsi o motle leha o le mong.