Ho diphoofolo tsohle tse hlwekileng o nke ka supa, e tona le e tshehadi ya yona, le ho diphoofolo tse sa hlwekang o nke ka pedi, e tona le e tshehadi ya yona.
Levitike 11:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jehova a bua le Moshe le Aarone, a re ho bona: BIBELE Morena a bua ho Moshe le ho Arone, a re ho bona: |
Ho diphoofolo tsohle tse hlwekileng o nke ka supa, e tona le e tshehadi ya yona, le ho diphoofolo tse sa hlwekang o nke ka pedi, e tona le e tshehadi ya yona.
Yaba Nowe o hahela Jehova aletare, mme ho diphoofolo tsohle tse hlwekileng, le ho dinonyana tsohle tse hlwekileng, a nka tse ding, a di etsa setjheso aletareng.
Dintho tsohle tse tsamayang, tse phelang, e tla ba dijo tsa lona; ke le neile tsona tsohle, jwalokaha ke le neile dimela tse tala.
Bolellang bana ba Iseraele, le re: Tse utlwang tseo le ka di jang hara diphoofolo tsohle tse lefatsheng ke tsena:
Kgethahanyang phoofolo e hlwekileng ho phoofolo e sa hlwekang, le nonyana e hlwekileng ho nonyana e sa hlwekang, hore le tle le se ke la iketsa batho ba manyala ka diphoofolo, le ka dinonyana, le ka tsohle tse hahabang lefatsheng, tseo ke le tsebisitseng tsona hore ke tse sa hlwekang.
Empa Petrose a re: Ho se be jwalo, Morena; hobane ha ke eso ho je ntho e ditshila, leha e le e sa hlwekang.
Le se ke la kgeloswa ke dithuto tse ngata, tseo e leng dithuto disele; hobane ho hotle ha motho a tiisa pelo ya hae ka mohau, e seng ka dijo tse sa kang tsa thusa ba di tshepileng.