Levitike 1:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) O tla e hlaba pela Jehova, lehlakoreng la aletare le lebileng nqa leboya; bara ba Aarone, baprista, ba tla tshollela madi a yona aletareng ka nqa tsohle. BIBELE A e hlabele kapele ho Morena e le ka lehlakoreng la aletare le ka leboya. Baprista, e leng bara ba Arone, ba foke mahlakore wohle a mane a aletare ka madi a yona. |
Yaba o isa tafole tenteng ya pokano, lehlakoreng la tabernakele le leng ka nqa leboya, kantle ho lesira,
Yaba o re ho nna: Mora motho, Morena Jehova o re: Ke tsena ditaelo tsa aletare letsatsing leo e tla etswa ka lona, hore ho tle ho hlajwe ho yona setjheso, mme e fafatswe ka madi.
A re ho nna: Mora motho, o emisetse mahlo a hao nqa leboya. Yaba ke emisetsa mahlo a ka nqa leboya, mme ka bona, nqa leboya ho monyako wa aletare setshwantsho seo sa poulelo se le monyako.
A ntoo hlaba pohwana eo pela Jehova, mme baprista, e leng bara ba Aarone, ba tla hlahisa madi, ba a tshollele kahohle aletareng e monyako wa tente ya pokano.
O tla hlaba konyana e tona nqalong eo ho hlabelwang ho yona mahlabelo a sebe le ditjheso, nqalong e kgethehileng, hobane, jwalokaha ntho ya sehlabelo sa sebe e le ya moprista, ho jwalo le ntho ya sehlabelo sa molato; e halalela haholo.
O tla bea letsoho la hae hloohong ya podi ya sehlabelo sa sebe, mme o tla e hlaba nqalong ya ditjheso.
Bolella Aarone le bara ba hae, o re: Molao wa sehlabelo sa sebe ke wona ona: Sehlabelo sa sebe se tla hlajwa pela Jehova, nqalong eo setjheso se hlabelwang teng; ke ntho e halalelang haholo.