Mohla ba sitelwang, kamoo ho seng motho ya sa sitweng kateng, mme o ba halefetse, o ba neetse direng tsa bona, hore ba iswe kgolehong, naheng ya dira, kapa e leng hole, kapa e leng haufi;
Jobo 9:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke tseba ruri hobane ho dutse jwalo; motho ya shwang a ka loka jwang pela Modimo? BIBELE “Ruri ke a tseba, ho fela ho le jwalo; motho a ka loka jwang mahlong a Modimo? |
Mohla ba sitelwang, kamoo ho seng motho ya sa sitweng kateng, mme o ba halefetse, o ba neetse direng tsa bona, hore ba iswe kgolehong, naheng ya dira, kapa e leng hole, kapa e leng haufi;
Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele, o lokile; rona re setse re le masala a phonyohileng jwalokaha ho le jwalo le kajeno. Ke rona mona, re eme pela hao re le molato; athe ha ho ya ka emang pela hao a le jwalo!
Yaba ho tuka bohale ba Elihu, mora wa Barakeele, wa Buse, wa ntlo ya Rame; bohale ba hae ba tukela Jobo, hobane a ipeile ya lokileng ho fetisa Modimo;
o se ke wa isana nyeweng le mohlanka wa hao, hobane ha ho motho ho ba phelang ya ka fumanwang a lokile pela hao.
Ka baka leo, ha ho nama, leha e le nngwe, e tlang ho bewa e lokileng pela wona ke mesebetsi ya molao; hobane ke ka molao re nang le tsebo ya sebe.