Jobo 8:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Erekaha bana ba hao ba mo sitetswe, o ba neetse bokgopo ba bona. BIBELE Haeba bara ba hao ba mo sitetswe, o ba otlile ho ya ka ho sitwa ha bona. |
Mme enere hobane e mong le e mong a qete letsatsi la mmoka wa hae, Jobo o ne a romela ho ba bitsa, mme a ba hlatswe, a tsohe e sa le ka meso, a hlabe mahlabelo a ditjheso a lekanang dihlooho tsa bona; hobane Jobo o ne a re: Ekaba mohlomong bara ba ka ba sitilwe ka ho lebala Modimo dipelong tsa bona. Jobo a nna a etsa jwalo kamehla.
Ke moo ke ba tlohetseng boikgantshong ba pelo tsa bona, ba tle ba latele dikeletso tseo e leng tsa bona.
Bonang, meya yohle ke ya ka; moya wa ngwana le moya wa ntatae ke ya ka hammoho; moya o etsang sebe ke wona o tla shwa.