Bosiu ba re ke motshehare; lesedi ba re ke motshehare; lesedi ba re le haufi, ha le phirimile.
Jobo 7:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ke robala, ke re: Ke tla tsoha neng? bosiu bo tla sa neneng na? mme ke kgathala ke ho phethoha ho isa mafube ha a hlaha. BIBELE Kamehla ha ke robala ke a ipotsa: ‘Ekaba neng e tla ba neng ke tsohe?’ Empa siu bo bolelele, bo a tosa, ke hlobaela jwalo ho fihlela mafube a hlaha. |
Bosiu ba re ke motshehare; lesedi ba re ke motshehare; lesedi ba re le haufi, ha le phirimile.
Moya wa ka o lebeletse Morena ka tebello e fetisang ya ba lebellang meso, ya ba lebellang meso.
Ke fela ke masisapelo; ka bosiu bo bong le bo bong, ke kolobisa diphate tsa ka ka meokgo, ke thoposetsa ditao tsa ka ka yona.
Wena ya madimabe, ya otlilweng ke difefo, ya sa tshedisweng ke motho, bona, ke tla kgabisa majwe a hao ka sebilo, ke o thee hodima safire.
Hosasa a tla re: Hoja e ka ba mantsiboya! Mantsiboya o re: Hoja e ka ba hosasa! ka baka la tshoho eo pelo ya hao e tla tshoswa ke yona, le ka baka la ditaba tsohle tseo mahlo a hao a tla di bona.