Rebeka a re ho Isaaka: Ke tennwe ke ho phela ha ka ka baka la baradi ba Hethe; ekare ha Jakobo a ka inkela mosadi ho baradi ba Hethe, ya jwaloka barwetsana ba naha ena, na bophelo ba ka e tla ba bo jwang?
Jobo 7:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke tennwe ke bophelo, ha ke rate ho nna ke phela. Ntlohele, hobane matsatsi a ka ke pudulo feela. BIBELE Bophelo bona ba ka bo ntenne, nke ke ka phela kamehla yohle; ako ntese, matsatsi a ka ke mouwane! |
Rebeka a re ho Isaaka: Ke tennwe ke ho phela ha ka ka baka la baradi ba Hethe; ekare ha Jakobo a ka inkela mosadi ho baradi ba Hethe, ya jwaloka barwetsana ba naha ena, na bophelo ba ka e tla ba bo jwang?
Haele yena, a fetela pele feelleng, tsela ya tsatsi le le leng, a fihla, a dula tlasa sehlahla, a ikopela ho shwa, a re: Ho lekane! Oho, Jehova, nka moya wa ka jwale, hobane ha ke fete bontate ka molemo.
Pelo ya ka e kgobohelwa ke bophelo ba ka; ha ho le jwalo, e ka kgona ke neele ho dumaduma ha ka sebaka, ke bolele bohloko ba moya wa ka.
Matsatsi a ka na ha a makaenyana na? Ha ho le jwalo, lesa, o ntlohele, ke tle ke boele ke ele sefahleho hanyenyane,
o tlose mahlo a hao ho yena, o mo fe sebaka, hore a tle a be a thabe jwaloka ya thotsweng, ha a thabela letsatsi leo a le sebeditseng.
ke moo pelo ya ka e kgethileng ho kgangwa le ho shwa, ho fetisa ha ke boloka masapo a ka.
Jehova, ako hopole hobane bophelo ba ka ke pudulo feela! Mahlo a ka ha a sa tla hlola a bona leseho;
Ho ba le molato, ha ke na wona; ha ke itlhokomele; bophelo ba ka ha ke re letho ka bona.
O se ke wa hlola o ntlhaba ka mahlo, ke tle ke boele ke ele, ke eso ho ikele, mme ke eba siyo!
Efela motho o itsamaela jwaloka seriti, o a dumaduma, o ikgathaletsa ntho e fetang; o ipokellela maruo, mme ha a tsebe hobane a ya jewa ke mang!
Bana ba batho ke lefeelafeela, le bara ba batho ke leshano feela; ha le ka ba bea sekaleng, ba ka phahama feela; kaofela hammoho ke lefeela.
Ka ba ka ila bophelo ke ho kgathatswa ke mesebetsi yohle e etswang tlasa letsatsi; ruri tsohle ke lefeela le mosebetsi o nyopileng.
Mme ho tla ratwa lefu haholo ho bophelo ke masala kaofela a setseng a mofuta oo o mobe, hohle moo ke a qhalanyeditseng teng, ho bolela Jehova wa makgotla.
Mme jwale, ke re: Jehova, lata hle bophelo ba ka, hobane ho ka bang molemo ho nna ke ho shwa, e seng ho phela.
Yare ha tsatsi le tjhaba, Jehova a hlahisa moya o bohale wa botjhabela, mme letsatsi la bata hlooho ya Jonase, a ba a kgathala, a qela lefu, a re: Ho leng molemo ho nna ke ho shwa, e seng ho phela.