Jobo 5:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Efela kotsi ha e tswe fatshe, mme mahlomola ha a hlomele mobung; BIBELE Lerole hase lona mohlodi wa ditlokotsi, tsietsi ha di ke di ropoha di hlaha fatshe; |
Ha o lokisa ditaba jwalo, ke mang ya tla nyatsa? Mme ha o ka pata sefahleho sa wona, ke mang ya ka o bonang? O busa ditjhaba le batho ka mokgwa o jwalo;
Ke nna ke bopang lesedi, ke hlahisang lefifi, ke etsang kgotso, ke hlahisang tshenyo; ke nna Jehova ya etsang tseo kaofela.
Ba bolela dipolelo tsa bosawana, ba hlapanya ka bohata; ba hlaba dilekane; ke moo kahlolo ya bona e se e ya hlomela jwaloka sehlohlo bolemeng.
O se ke wa kotula matshwabodi a koro ya hao, mme o se ke wa kga ditholwana tsa merara ya hao e sa kang ya hlaolwa; e tla ba selemo sa phomolo ya masimo.
Terompeta ha e letswa motseng, na batho ha ba tshohe kaofela na? Na tlokotsi e ka hlaha motseng, e sa hlahiswe ke Jehova?
hoja ke sa ka ka tshaba phephetso ya dira, le hore bao e leng dira ho bona ba ka fosa ditaba, ba re: Matsoho a rona a phahame, ntho tseo kaofela hase Jehova ya di entseng.
Iponeleng, hore e mong a se ke a haellwa ke mohau wa Modimo, monoko o mahloko o se ke wa le hlahela, wa tla wa le ferekanya, mme ba bangata ba senyeha ke wona.
Ha le bona hobane e ya Bethe-Shemeshe, ka tsela ya habo yona, etlaba ke yena ya re hlahiseditseng kotsi ena e kgolo; ha ho se jwalo, re tla tseba hobane hase letsoho la hae le re otlileng, empa e le taba e re hlahetseng feela.