Na o ka fihlela ditaba tse tebileng tsa Modimo na? Na o ka utlwisisa bophethehi ba Ya matla wohle na?
Jobo 42:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke haele mang ya ka fifatsang merero ya hao ka dipolelo tse se nang kelello? Ke fela ke buile, ke se na kutlwisiso, ke boletse mehlolo e mphetang, eo ke sa e utlwisiseng. BIBELE O ila botsa, wa re: ‘Ya sitisang merero ya ka a se na tsebo, ke mang?’ Ke kahoo ke reng: ‘Ke buile ka tseo ke sa di utlwisiseng, tse makatsang haholo hoo ke sa di tsebeng.’ |
Na o ka fihlela ditaba tse tebileng tsa Modimo na? Na o ka utlwisisa bophethehi ba Ya matla wohle na?
Bona, le wona mahlo a ka a bone taba tseo kaofela, tsebe tsa ka di di utlwile, mme di di etse hloko.
e leng wona o etsang dintho tse kgolo, tse sa fihlelweng, dintho tse makatsang, tse sa balweng.
Jehova, pelo ya ka ha e na boikgohomoso, mahlo a ka ha a phahame, ha ke a ka ka tsamaya ho tse phahameng, tse mphetisang ka boholo.
Jehova, Modimo wa ka, e kgolo hakakang palo ya mehlolo le ya merero eo o re etseditseng yona! Ha ho ya ka e lokodisang pela hao; leha ke rata ho e bolela le ho e bala, e be e fete palo.