Jobo 40:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Na modumadumi o sa tseka le Ya matla wohle na? Ya pheileng kgang le Modimo a ke a arabe jwale! BIBELE “Na monyatsi a ka phea kgang le Ya Matla wohle? Ya nyatsang Modimo a ke a arabe!” |
Ka Modimo o phelang, o nkamohileng ho loka ha ka, le ka Ya matla wohle ya hlokofaditseng moya wa ka,
Ho tswetswe keng motho ya timeletsweng ke tsela ya hae, eo Modimo o mo patisang kahohle?
Hola ke na le ya nkutlwang! Bonang, tiiso ya letsoho la ka ke ena! Hola Ya matla wohle a ka mphetola! Hola lengolo le le teng la ya nqosang molato!
Le hoja a ka rata ho tseka le wona, a ke ke a ikarabella tabeng e le nngwe ho tse sekete.
Se leng teng se se se kile sa rewa lebitso; haele motho, ho tsejwa seo a leng sona, le kamoo a ke keng a tsekisana le ya mo fetang ka matla kateng.
O eletsane le mang hore a tsebisise? Ke mang ya mo rutileng tsela ya ho loka, ya mo rutileng bohlale, ya mmontshitseng tsela ya kelello?
Ya mpeang ya lokileng o haufi. Ya ka ntsekisang ke mang? A re itlhahiseng hammoho! Mohanyetsi wa ka ke mang? A atamele ho nna!
Ke o tjhehetse sefi, mme o tshwerwe, Babilona, o sa tsebe; o bile wa fumanwa, o tshwasitswe, hobane o lwantshitse Jehova.
Na le reng, ha le bolela polelo ya maele naheng ya Iseraele, e reng: Bontata bana ba jele morara o bodila, mme meno a bana a thella?
Hobane ke mang ya tsebileng kgopolo ya Morena a tle a mo rute? Empa rona, re tsebile kgopolo ya Kreste.