Jobo 32:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba ho tuka bohale ba Elihu, mora wa Barakeele, wa Buse, wa ntlo ya Rame; bohale ba hae ba tukela Jobo, hobane a ipeile ya lokileng ho fetisa Modimo; BIBELE Jwale kgalefo ya Elehu, mora wa Barakele, ya tswang Buse, wa lelapa la Rama, ya tlokoma. Kgalefo ya hae ya tlokomela Jobo, hobane Jobo o ne a re ke yena ya lokileng, Modimo ke yena ya phoso. |
Na o ka thaba ka ho nketsa hampe, hore o be o lahle mosebetsi wa matsoho a hao, mme o kganyetse merero ya ba babe na?
Ka Modimo o phelang, o nkamohileng ho loka ha ka, le ka Ya matla wohle ya hlokofaditseng moya wa ka,
Taba ya hore le boletse nnete, e be hole le nna; ke tla tiya, ke bolele ho hloka molato ha ka, ke be ke shwe.
Ke itshwareletse ka ho loka ha ka, nke ke ka ho latola; pelo ya ka ha e nkahlole hodima matsatsi a ho phela ha ka leha le le leng.
hape, bohale ba hae ba tukela metswalle ya hae e meraro, hobane leha ba ne ba hlokile seo ba ka arabang ka sona, leha ho le jwalo, ba ne ba tswile Jobo.
Hobane tjheseho ya ntlo ya hao e ntjele, mme dinyefolo tsa ba o nyefolang di nkwela hodimo.
A ba habanya ka bohale, a swabile ke bothata ba dipelo tsa bona; yaba o re ho motho eo: Otlolla letsoho la hao. A le otlolla; yaba letsoho la hae le a fola, la boela la loka jwaloka le leng.
Ekare ha le halefa, le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la phirimela bohale ba lona;